Tsebiso ka Ateraetisi
NA ATERAETISI KE ENG?
ATERAETISI ke ho petla ha manonyeletso
Lenonyeletso ke karolo mmeleng moo lesapo le leng le tsamayang hodima le leng. Masapo ana a mabedi a tshwerwe mmoho ke mesifa e bolokang manonyeletso a le sebakeng sa wona nakong eo mesifa e lelefalang le ho kgutsufala ho etsa hore lenonyeletso le tsamaye.
Dintlha tse mafellong a mesifa di ba nyenyane mme di etsa dithendone tse kenellang masapong.
Dintlheng tsa masapo ho na le lera la lefufuru. Lefufuru le teng ka hara lenonyeletso. Lefufuru le thibela hore masapo a hohlane mme le sebetsa jwalo ka seamohedi sa tshisinyeho ya tshohanyetso.
Sebaka se ka hara lenonyeletso ke sekoti sa lenonyeletso se nang le lero la manonyeletso. Lero lena le loetsa lenonyeletso mme le fana ka diotli ho lenonyeletso le lefufuru.
Motsamao wa lenonyeletso o etsahala ha mosifa o honyela, o hula thendone, mme yona e tsamaisa masapo ana a mabedi ho atamelana kapa ho arohana.
NA EBE HO NA LE MEFUTA E FAPANENG YA ATERAETISI?
Ho na le mefuta e mengata e fapaneng ya ATERAETISI. Ho na le mafu a fetang a lekgolo a fapaneng a ka bakang ateraetisi.
RA ke lefu la ho ya ho ile le ka amang mmele kaofela ka boikutlo ba kakaretso ba ho se phele hantle. Matshwao a ka sehloohong ke ho ruruha, bofubedu, ho futhumala le mahlaba manonyeletsong. RA e atisa ho hlokomeleha lekgetlo la pele manonyeletsong a manyenyane a maoto, matsoho le diatleng. E ka nna ya ba e se e fetela ho manonyeletso a maholo a ditsu, mahetla le mangwele. Jwalo kaha RA e mpefala ho feta, manonyeletso a ka holofala mme a satalle haholo hoo a sa kgoneng ho tsamaya.
Ostearthritis (OA) ke boemo bo ka bakwang ke ho tsofala le ho kgathala ha manonyeletso a jwalo ka mangwele, dirope le menwana, kapa ka lebaka la ho tswa kotsi. Lena ke lefu la manonyeletso feela, ha le ame dikarolo tse ding tsa mmele. OA e ama dikarolo tsohle tsa lenonyeletso mme e baka bohloko bo tshabehang le ho satalla, haholoholo ka mora tshebetso e matla ya mmele.
Gout ke lefu la motsamao wa dikarolo tsa mmele le fetiswang ka lefutso ka dijine mme sesosa sa lona ha se tsejwe.
NA KE MANG YA KA KENWANG KE ATERAETISI?
Ateraetisi e ka ama mang kapa mang. Mefuta e meng ya ateraetisi e atisa ho fumahena ho ditho tsa malapa a batho ba nang le ateraetisi.
Ateraetisi e ama batho ba dilemo tsohle, ho kenyeletswa le bana.
Mefuta e meng ya ateraetisi e atisa ho hlaha haholo basading (mohlala, ateraetisi ya ramatiki) ha e meng yona e atisa ho hlaha banneng (mohlala, gout).
Kgato ya bobedi ya ostearthritis e atisa ho hlaha ho batho ba batjha, ka bobedi banna le basadi, mme e amahangwa le dintlha tse jwalo ka tshwaetso, dipapadi kapa tshotleho moyeng.
Ostearthritis e atisa ho hlaha haholo ho batho ba seng ba hodile.
KE ENG SE KA ETSWANG HO ALAFA ATERAETISI?
Kalafo ya ateraetisi e tla itshetleha ho sesosa sa yona mme e ka kenyeletsa tse latelang:
A MEHATO E AKARETSANG
Theola mmele haeba o nonne ho feta tekano; matlafatsa mesifa ka ho ikwetlisa; qoba tahi le dijo tse itseng. (Ho gout, qoba dijo tse nang le purine e ngata/e mahareng tse jwalo ka nama e kgubedu, beikhone, kwaekgwaba, tlhapi, moroho, dinawa tse omisitsweng, dierekisi tse omisitsweng le di-lentils).
Tshebediso ya setshehetsi, ditshwarisi, disireletsi tsa mangwele kapa maqaqailana, melamu ya ho ikokotlela, mare a ho hlotsa hammoho le disebediswa tse ding ke ntho e thusang bakudi ba bang, empa e itshetlehile ka hore ke manonyeletso afeng a amehang ekasita le bobe ba temalo ya lenonyeletso.
MERIANA
Dilwantshamahlaba (meriana ya mahlaba) di ka sebediswa bakeng sa ho kokobetsa mahlaba.
Ditlhare tse se nang disteroite tse thibelang ho ruruha di molemo ho fokotseng mahlaba, ho satalla le ho ruruha ha manonyeletso. Di sebedise ka hloko.
Ditlhare tse lokisang mafu di ka sebediswa ho thibela diketsahalo tsa ho iphethakaka ha mahlaba le ho ruruha ha manonyeletso. Di ka sebediswa bakeng sa mefuta e itseng ya ateraetisi e jwalo ka ateraetisi ya ramatiki.
Ho na le kalafo e ikgethang haeba sesosa sa ateraetisi se a tsejwa (ho tea mohlala, gout kapa ditshwaetso).
B OPOREISHENE
Haeba mokudi o lemetse hampe haholo lenonyeletsong, teng he, ho ka hlokahala hore a etswe oporeishene ho kokobetsa mahlaba le ho ntlafatsa tshebetso ya lenonyeletso leo. Ka dinako tse ding karo ya oporeishene e a hlokahala ho thibela temalo e eketsehileng ya lenonyeletso.
NA O KA ETSA ENG HAEBA O NAHANA HORE O NA LE ATERAETISI?
Etela setsha se haufi sa tlhokomelo ya bophelo bo botle kapa ngaka ya lelapa. O mong wa mehato ya pele e tla ba ho fumantsha hore na ebe matshwao a bakilwe ke ATERAETISI kapa RAMATIKI.
